Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 25:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 25:9
13 Referencias Cruzadas  

O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.


O hlome tabernakele ka mokgwa oo o o bontshitsweng thabeng.


Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.


Bana ba Iseraele ba hla be etsa mosebetsi wohle kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Moshe a tadima mosebetsi wohle, mme a fihlela ba o entse jwalokaha Jehova a ne a laetse; ba o etsa jwalo. Yaba Moshe o a ba hlohonolofatsa.


Ba tla nka mesebetsi yohle eo ho etswang tshebetso yohle ka yona sehalalelong; ba tla e phuthela leseleng la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba e bee hodima mejaro.


Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.


Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.


eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.


Hobane mohla tabernakele e emiswang, ho ne ho etswe sebaka sa pele, moo ho beilweng kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha, mme baka seo se ne se bitswa sehalalelo.


Empa e ne e le setshwantsho se etse ditsweng mehla ena, ha ho ne ho ntse ho hlahiswa dinyehelo le mahlabelo a sitwang ho hlatswa matswalo a ya etsang tshebe letso ya teng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos