Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.
Numere 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa a se ke a nea bara ba Kehathe letho, kahobane ba ne ba beetswe tshebetso ya ho jara ntho tsa sehalalelo ka mahetla a bona. BIBELE Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo. |
Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.
Ba kenya areka ya Modimo koloing e ntjha, ha ba se ba e ntshitse tlung ya Abinadabe e leralleng. Ussa le Akio, bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaisa koloi eo e ntjha.
Ha ba fihla seotlong sa Nakone, Ussa a isa letsoho arekeng ya Modimo, a e tshwara, kahobane dipholo di ne di kgoptjwa.
Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.
Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.
Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.