hobane ha o rate mahlabelo; hola ha ho jwalo, nka be ke a ntshitse; le ditjheso ha o kgahliswe ke tsona.
Numere 7:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso; BIBELE Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. |
hobane ha o rate mahlabelo; hola ha ho jwalo, nka be ke a ntshitse; le ditjheso ha o kgahliswe ke tsona.
Ke etsang ka mahlabelo a lona a mangatangata, ho botsa Jehova? Ke kgathetse ke ditjheso tsa dipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke kgahliswe ke madi a dikgomo, le a dinku, le a diphooko.
A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
Hobane ha ke a ka ka bolella bontata lona, ha ke a ka ka ba nea taelo bakeng sa setjheso leha e le bakeng sa sehlabelo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta.
Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.
Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.