Ke oo molao wa ya iketsang monasari ka kano; ke eo nyehelo ya monasari ho Jehova, ho sa balwe tsee a ka nnang a mo abela tsona kamoo matla a hae a leng kateng: o tla phetha se laelwang bakeng sa kano ya hae kamoo molao wa bonasari o leng kateng.
Numere 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, a se ke a ja letho le tswang morareng, ho qala ka thootsenyana ya tholwana ho isa ho letlalo la yona. BIBELE Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, a se ke a ja letho le entsweng ka morara, e ka ba ditholwana tsa wona kapa makgapetla a wona. |
Ke oo molao wa ya iketsang monasari ka kano; ke eo nyehelo ya monasari ho Jehova, ho sa balwe tsee a ka nnang a mo abela tsona kamoo matla a hae a leng kateng: o tla phetha se laelwang bakeng sa kano ya hae kamoo molao wa bonasari o leng kateng.
o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona.
Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.
a se ke a ja letho le tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se bodila, mme a se ke a ja letho le ditshila; a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.