Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “ ‘Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho.

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:5
9 Referencias Cruzadas  

Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, le hona ba se ke ba hodisa moriri wa bona; ba mpe ba ikute dihlooho.


Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, a se ke a ja letho le tswang morareng, ho qala ka thootsenyana ya tholwana ho isa ho letlalo la yona.


Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.


Hobane, bona, o tla emara, o tswale moshanyana; lehare le ke ke la mmeola hlooho, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae: ke yena ya tla qala ho namolela Iseraele matsohong a Bafilesta.


Yaba o mmolella tsohle tse ka pelong ya hae, a re ho yena: Lehare ha le eso ho ka le mpeola hlooho, hobane ke monasari wa Modimo, haesale popelong ya mme; ha nka beolwa, ke hona matla a ka a ka ntlohelang, mme nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.


Eitse hobane Delila a mo robatse mangoleng a hae, a bitsa motho, mme a beola thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya hae, mme a qala ho mo fokodisa, mme matla a hae a hla a mo tlohela.


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos