Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:5 - BIBELE

5 “ ‘Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:5
9 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, kapa ba hodisa moriri wa bona, ba mpe ba o fokotse feela.


Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, a se ke a ja letho le entsweng ka morara, e ka ba ditholwana tsa wona kapa makgapetla a wona.


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa ba wa beola moriri wa hae, hobane ho tloha popelong ngwana enwa e tla ba mokgethwa wa Modimo, mme o tla qala ho namolela Baiseraele matsohong a Bafilesita.”


Qetellong a mmolella nnete, a re ho yena: “Hlooho ya ka ha e eso ka e beolwa, hobane haesale ke le mokgethwa wa Modimo ho tloha popelong ya mme. Haeba nka beolwa, matla ana a ka a tla fela, ke fokole, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”


Delila a sika Samosone, a mo robatsa. Yaba o bitsa monna e mong, mme eo a beola dithapo tse supileng tsa moriri o hloohong ya Samosone. Jwale Delila a qala ho hlokofatsa Samosone, hobane o ne a feletswe ke matla.


A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos