La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 5:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.

Ver Capítulo

BIBELE

monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista, mme a tle a nkile nyehelo ya mosadi eo, ya phofo ya harese e boima ba dikilo tse pedi. Empa a se ke a tshela ole, kapa mokubetso hodima yona, hobane ke nyehelo ya phofo, ya lefufa; ke nyehelo ya phofo e etsetswang hore ho nne ho hopolwe molato oo.

Ver Capítulo



Numere 5:15
9 Referencias Cruzadas  

Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Haele bona, mahlong a bona, ke bonohe ba lefeela; ke re, ho bona ba neng ba hlapantse le ho ana; empa yena o elellwa bokgopo ba bona, hore ba fele ba tshwarwe.


Mmuso oo ha o sa tla tshepisa ba ntlo ya Iseraele letho; o tla ba hopotsa bokgopo ba bona, ba mohla ba neng ba retelehela ho wona; mme ho tla tsejwa hoba ke nna Morena Jehova.


Yaba ke ipatlela yena ka ditjhelete tse leshome le metso e mehlano le ka tekanyo ya harese e lekanang homere e nang le halofo.


Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.


Ekare ha motho a rata ho hlahisetsa Jehova nyehelo, nyehelo ya hae a e be ya lefi la phofo; o tla le tshela ka ole, a le nonetse ka dibano.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


Moprista o tla atametsa mosadi, a mo emise pela Jehova.


Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng.