Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.
Numere 33:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tloha Ramsese ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele. Ka tsatsi le hlahlamang la Paseka, bana ba Iseraele ba tswa ka matla pontsheng ya Baegepeta kaofela, BIBELE Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle. |
Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.
Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.
Kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho lona, e be yona eo le qalang dikgwedi tsa ngwaha ka yona.
Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.
Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.
Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.
Mophunyatsela o tla tsamaya kapele ho bona, ba tla phunya, ba tlole ka monyako ba be ba tswe ka wona; morena wa bona o tla ba etella pele, Jehova e be yena sehlooho sa bona.
Moshe a ngola maeto a bona ho tloha nqalong e nngwe ho isa ho e nngwe ka taelo ya Jehova. Ke ana maeto a bona, kamoo ba tsamaileng kateng: