Jakobo a ya Sukkothe, a ikgahela ntlo, mme mehlape ya hae a e etsetsa metlotlwane; ke ka baka leo motse oo o bitswang Sukkothe.
Numere 32:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba atamela Moshe, ba re: Re tla hahela mehlape ya rona masaka mona, le bana ba rona metse; BIBELE Yaba ba a atamela, ba re: “Re lakatsa ho hahela mehlape ya rona masaka mona, le ho hahela bana ba rona metse, |
Jakobo a ya Sukkothe, a ikgahela ntlo, mme mehlape ya hae a e etsetsa metlotlwane; ke ka baka leo motse oo o bitswang Sukkothe.
Hobane ha le mo kgeloha, o tla nne a tlohelle Iseraele feelleng, mme le tla biletsa setjhaba sena timelo.
re ntoo phakisa ho hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, re be re ba kenye naheng ya bona; bana ba rona bona ba tla sala metseng e dikilweng ka marako ka baka la baahi ba naha.
Feela basadi ba lona, le bana ba lona le mehlape ya lona (hobane ke a tseba hobane le na le mehlape e mengata) ba sale metseng eo ke le neileng yona,
O ipatletse dilopotsiya tsa naha, kahobane kabelo ya mmei wa molao e boloketswe yena hona teng; o tsamaya le dihlooho tsa setjhaba; o entse ho loka ha Jehova le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng Iseraele.