Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane ha le mo kgeloha, o tla nne a tlohelle Iseraele feelleng, mme le tla biletsa setjhaba sena timelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ha le mo furalla, o tla boela a le lahla mona lehwatateng, mme le tla tlisetsa setjhaba sena sohle timelo.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:15
14 Referencias Cruzadas  

a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Basadi ba hao kaofela le bana ba hao ba tla iswa ho Bakalde, le wena o tla sitwa ho phonyoha matsohong a bona, o mpa o tla tshwarwa ke letsoho la morena wa Babilona, mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka baka la hao.


Yaba ba atamela Moshe, ba re: Re tla hahela mehlape ya rona masaka mona, le bana ba rona metse;


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso; hobane dikgopiso di tshwanetse ho ba teng; ho mpa ho madimabe motho eo kgopiso e hlahang ka yena.


Ekare ha o swabisa ngwaneno ka baka la sejo se seng, teng ha o tsamaye ka lerato. O se ke wa fedisa ka sejo sa hao motho eo Kreste a mo shwetseng.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos