La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 30:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Boikano ba mosadi wa mohlolohadi, kapa ba ya hladilweng, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya bakeng sa hae.

Ver Capítulo

BIBELE

“Malebana le kano e entsweng ke mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, tsohle tseo a itlamileng ka tsona di tla mo tlama.

Ver Capítulo



Numere 30:9
6 Referencias Cruzadas  

Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona.


Ha ekaba mosadi ya seng a le tlung ya monna wa hae a ikana, kapa a itlama ka kano,


empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.


mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.


Ho jwalo, mosadi ya pusong ya monna o bofeletswe ho monna wa hae ke molao, monna ha a sa phela; empa ha monna a eshwa, eba o holotswe molaong wa monna.


Etlare hobane mosadi a tswe tlung ya hae, o tla ikela, a be le tokelo ya ho nyalwa ke monna e mong.