monna wa hae, mohla a utlwang tseo, ha a ikgutsetsa pela hae, a sa mo nyatse, maikano wohle a hae a tla tiya, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya.
Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae.
Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.