La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 30:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

ha monna wa hae, mohla a utlwang tseo, a ikgutsetsa pela hae ka lona tsatsi leo a di utlwileng ka lona, boikano ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya;

Ver Capítulo

BIBELE

mme monna wa hae a utlwa, feela a sa re letho ho yena mohla a utlwileng, kano eo ya hae e ke ke ya fetoha, le boitlamo boo a itlamileng ka bona bo ke ke ba fetoha.

Ver Capítulo



Numere 30:7
7 Referencias Cruzadas  

A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.


Le rona, ha re tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, re mo tshollela dino, na re mo etsetsa dinkgwana ho mo sebeletsa le ho mo tshollela dino, banna ba rona ba sa tsebe na?


Etlare hoba mosadi a nyalwe a se a ikanne kapa a itlamile ka lentswe le leng le phonyohileng molomong wa hae,


empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.


Ho jwalo, mosadi ya pusong ya monna o bofeletswe ho monna wa hae ke molao, monna ha a sa phela; empa ha monna a eshwa, eba o holotswe molaong wa monna.


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.