La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 30:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Etlare ha mosadi a ikanne ho Jehova, a itlamile e le yena ka hore hoitseng a le ka tlung ya ntatae le botjheng ba hae,

Ver Capítulo

BIBELE

“Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae;

Ver Capítulo



Numere 30:3
10 Referencias Cruzadas  

Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele.


O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare ha e mong a itlama ka kano, ka ho bea batho, e tla ba ba Jehova ka tekanyetso ya hao.


Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae.


ha ntatae a utlwa boikano ba hae le kamoo a itlamileng kateng, ha ntatae a ikgutsetsa pela hae, boikano bohle ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya;


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,


Basadi ba lona ba kgutse diphuthehong; hobane ha ba dumellwe ho bua; ba mpa ba tshwanetse ho mamela; jwalokaha le wona molao o bolela.


Bana ba Iseraele ha ba ka ba ba bolaya, kahobane dihlooho tsa phutheho di ne di ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; empa phutheho yohle ya duma-duma ka dihlooho.


Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.