Numere 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone. BIBELE Ho Gereshone ho tswile leloko la Balebeni, le leloko la Bashimei. Ana ke maloko a tswang ho Gereshone. |
Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
lesika la ntlo ya Nathane ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe; lesika la ntlo ya Levi ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe; lesika la Shimei ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe;
Ke ana matlo a Levi: ntlo ya Badibni, ntlo ya Bahebrone, ntlo ya Bamahadi, ntlo ya Bamushi, ntlo ya Bakore. Kehathe a tswala Amrame.
a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.
Ba ngotsweng ba bona, ha ho balwa, ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ke re, ba ngotsweng ba bona ya eba kete tse supileng tse makgolo a mahlano.
A ho ke ho balwe bara ba Gershone, ba ngolwe ka matlo a bontata bona le ka matlo a bona.
Bana ba Gershone ba laolelwa metse e leshome le metso e meraro matlung a leloko la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le mothapong o mong wa leloko la Manasse, Bashane.