La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 27:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

O fele o ba abele naha hara banababo ntata bona, e be lefa la bona; o ba nee lefa la ntata bona jwalo.

Ver Capítulo

BIBELE

“Baradi ba Selofehade ba nepile. Ba nee lefa jwaloka bana babo ntata bona; etsa hore lefa la ntata bona e be la bona.

Ver Capítulo



Numere 27:7
10 Referencias Cruzadas  

Mme ho ne ho sa fumanwe naheng yohle basadi ba leng batle jwaloka baradi ba Jobo; mme ntata bona a ba arolela lefa hara dikgaitsedi tsa bona.


Ntata dikgutsana, moemedi wa bahlolohadi, ke Modimo moahong o halalelang wa wona.


O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Baradi ba Tselofkade ba bolela.


O bolelle bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a eshwa a se na mora, le tla nea moradi wa hae lefa la hae.


Moshe a bolella bana ba Iseraele, ka taelo ya Jehova, a re: Leloko la bara ba Josefa le nepile.


Jwale, ke sena seo Jehova a se laelang bakeng sa baradi ba Tselofkade: Ba tla nyalwa ke bao ba ithatetseng bona; empa ba tla nyalwa tlung e nngwe ya leloko la bontata bona.


Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.


Ba tla pela moprista Eleasare, le pela Joshua, mora Nune, le pela baholo, ba re: Jehova o ne a laele Moshe ho re nea lefa hammoho le banababo rona. Ebile ba fuwa lefa hammoho le banababo ntata bona, ka taelo ya Jehova.