Dilemo tsa bophelo ba Ishmaele ke tsena: e bile dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng, mme a neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo.
Numere 27:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Etlare ha o le bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwalokaha ngwaneno Aarone le yena a orositswe. BIBELE Kamora hoba o e bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwaloka moholwane wa hao Arone, |
Dilemo tsa bophelo ba Ishmaele ke tsena: e bile dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng, mme a neela moya, a shwa, a orohela setjhabeng sa habo.
Abrahama a neela moya, a shwa botsofading bo botle, a hodile ho kgodisang; mme a orohela setjhabeng sa habo.
Moprista Aarone a nyolohela thabeng ya Hore, ka taelo ya Jehova; a shwela teng, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, ka selemo sa mashome a mane sa ho tswa ha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.
[Yaba bana ba Iseraele ba tloha Beerothe-Bene-Jaakane, ba ya Mosera; ke moo Aarone a shwetseng teng, a ba a patwa teng; mme Eleasare, mora wa hae, ya eba yena moprista tulong tsa hae.
Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.
Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.
O tla shwela thabeng eo o tla nyolohela ho yona, mme o tla phuthelwa ditjhabeng tsa heno, jwaloka Aarone, ngwaneno, ya shweleng thabeng ya Hore, mme a phuthetswe ditjhabeng tsa habo;
Haele nna, ke tla shwela naheng ena; ha nka ke ka tshela Jordane; empa lona le tla e tshela, hape le tla rua lefatshe leno le molemo.