Numere 26:57 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke bana Balevi ba kileng ba balwa ka matlo a bona: ka Gershone ho hlahile ntlo ya Bagershone; ka Kehathe ntlo ya Bakehathe; ka Merari ntlo ya Bamerari. BIBELE Bana ke Balevi ba ileng ba balwa ho ya ka malapa abo bona: Gereshone ya tswetseng morabe wa Gereshone; le Kohate, ya tswetseng morabe wa Kohate; le Merari, ya tswetseng morabe wa Merari. |
Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease. Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona.
Empa Balevi ha ba ka ba ngollwa hara bana ba Iseraele, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
O ngole bara ba Levi, ka matlo a bontata bona, le ka matlo a bona. O ngole ba batona kaofela, ho qala ka ba nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo.