La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka nqa borwa, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Rubene, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Rubene, Elitsure, mora Shedeure,

Ver Capítulo

BIBELE

“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure.

Ver Capítulo



Numere 2:10
8 Referencias Cruzadas  

Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.


Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa: Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;


Yaba folaga ya ntlo ya Rubene e a tloha; ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Rubene le ne le laolwa ke Elitsure, mora Shedeure;


Etlare ha le boela le di letsa haholo la bobedi, makgotla a ka nqa borwa a tla tloha; di tla letswa haholo hore makgotla a tlohe.


le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng, tse nang le makgolo a mahlano.


Ka tsatsi la bone, ha tla Elitsure, mora Shedeure, morena wa bara ba Rubene.


tsa sehlabelo sa teboho ya eba poho tse pedi tsa dikgomo, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dikonyana tse tona tse hlano tse lemo se le seng. Ke yona kabelo ya Elitsure, mora Shedeure.