Phate tseo a robetseng hodima tsona a sa ntse a le sesileng sa hae, di tla ba sesila, mme ntho efe le efe eo a ka dulang hodima yona, e tla be sesila.
Numere 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, o tla o bea kantle ho diahelo nqalong e hlwekileng; o tla bolokelwa phutheho ya bana ba Iseraele, hore ho etswe ka wona metsi a hlatsuo. BIBELE “Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe. |
Phate tseo a robetseng hodima tsona a sa ntse a le sesileng sa hae, di tla ba sesila, mme ntho efe le efe eo a ka dulang hodima yona, e tla be sesila.
Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.
Ya amang setopo, e leng mmele wa motho ya shweleng, ha a sa itlhatswe, o silafatsa tabernakele ya Jehova; o tla tloswa hara Iseraele. Erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang, mme ho se hlweke ha hae ho sa ntse ho le hodima hae.
Eo ya sa hlwekang, o tla nkelwa molora wa sehlabelo sa hlatsuo se kileng sa tjheswa, mme ho tla tshelwa metsi a sediba hodima wona pitseng.
Monna ya hlwekileng o tla nka hisopa, a e qopetse metsing ao, a ntoo foka tente ka yona, le mesebetsi yohle, le batho ba leng teng, le eo ya amileng masapo, kapa motho ya bolailweng, kapa setopo, kapa lebitla.
Ya tjhesitseng sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae ka metsi, a hlatswe mmele wa hae metsing; empa etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.
O tla boela a kgethele Jehova ditshiu tsa bonasari ba hae, mme o tla tlisa konyana e tona e lemo se le seng, e be sehlabelo sa molato; hobane matsatsi a fetileng a ke ke a balwa, hobane bonasari ba hae bo ile ba silafala.
Seo o tla ba etsetsa sona hore o ba hlwekise ka sona, ke sena: O foke hodima bona ka metsi a hlatswang sebe; ba ipeole mmele oohle ka lehare; ba hlatswe diaparo tsa bona, mme ba itlhwekise.
Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.
Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.
Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.
Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;
Hobane ha esita madi a diphoho le a diphooko, le melora ya sethole eo ho fokwang ba ditshila ka yona, di ba hlatswa ka nqeng ya nama,