Numere 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke metsi a etsang pheko. Ya bokeletseng molora wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bana ba Iseraele le ho moditjhaba ya jakileng hara bona. BIBELE Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona.” |
e mong le e mong ya jereng setopo se shweleng sa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a be sesila ho isa mantsiboya.
Leha e ka ba mang le mang ya keneng ka tlung eo ka matsatsi ao e kwetsweng ka wona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.
Monna eo ya hlwekileng o tla foka ya sa hlwekang ka tsatsi la boraro le la bosupa, mme o tla mo hlwekisa ka tsatsi la bosupa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; mme mantsiboya o tla hlweka.
Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bona: ya fokileng ka metsi a hlatsuo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amileng metsi a hlatsuo, etlaba ha a hlweka ho fihlela mantsiboya.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.