Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, o tla o bea kantle ho diahelo nqalong e hlwekileng; o tla bolokelwa phutheho ya bana ba Iseraele, hore ho etswe ka wona metsi a hlatsuo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 19:9
16 Referencias Cruzadas  

Phate tseo a robetseng hodima tsona a sa ntse a le sesileng sa hae, di tla ba sesila, mme ntho efe le efe eo a ka dulang hodima yona, e tla be sesila.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Ya amang setopo, e leng mmele wa motho ya shweleng, ha a sa itlhatswe, o silafatsa tabernakele ya Jehova; o tla tloswa hara Iseraele. Erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang, mme ho se hlweke ha hae ho sa ntse ho le hodima hae.


Eo ya sa hlwekang, o tla nkelwa molora wa sehlabelo sa hlatsuo se kileng sa tjheswa, mme ho tla tshelwa metsi a sediba hodima wona pitseng.


Monna ya hlwekileng o tla nka hisopa, a e qopetse metsing ao, a ntoo foka tente ka yona, le mesebetsi yohle, le batho ba leng teng, le eo ya amileng masapo, kapa motho ya bolailweng, kapa setopo, kapa lebitla.


Le tla se nea moprista Eleasare, a se ntshe diahelong; mme se tla bolawa pela hae.


Ya tjhesitseng sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae ka metsi, a hlatswe mmele wa hae metsing; empa etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


O tla boela a kgethele Jehova ditshiu tsa bonasari ba hae, mme o tla tlisa konyana e tona e lemo se le seng, e be sehlabelo sa molato; hobane matsatsi a fetileng a ke ke a balwa, hobane bonasari ba hae bo ile ba silafala.


Seo o tla ba etsetsa sona hore o ba hlwekise ka sona, ke sena: O foke hodima bona ka metsi a hlatswang sebe; ba ipeole mmele oohle ka lehare; ba hlatswe diaparo tsa bona, mme ba itlhwekise.


Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


Hobane ha esita madi a diphoho le a diphooko, le melora ya sethole eo ho fokwang ba ditshila ka yona, di ba hlatswa ka nqeng ya nama,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos