Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.
Numere 17:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o tlosa dithupa tsohle pela Jehova, a di isa ho bana bohle ba Iseraele; ba di bona, mme e mong le e mong a nka thupa ya hae. BIBELE Moshe a tlisa melamu yohle e tswang kapele ho Morena, a e bea kapele ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, mme sa e tadima. Monna e mong le e mong a nka molamu wa hae. |
Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.
Ka hosasa, eitse ha Moshe a kena tenteng ya bopaki, a bona thupa ya Aarone, e beetsweng ntlo ya Levi, e tswile dipalesa, e hlahisitse menoko, e fupusitse dipalesa, e beile le diamanda.