Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka hosasa, eitse ha Moshe a kena tenteng ya bopaki, a bona thupa ya Aarone, e beetsweng ntlo ya Levi, e tswile dipalesa, e hlahisitse menoko, e fupusitse dipalesa, e beile le diamanda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Hosasane ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane, molamu wa Arone, o bakeng sa ntlo ya Levi, wa fuputsa, wa etsa dithunthung, wa beha ditholwana tse butsitsweng, tse kang tsa sefate sa perekisi.

Ver Capítulo Copiar




Numere 17:8
13 Referencias Cruzadas  

sefate se ne se na le makala a mararo; yare ha se thunya, sa tswa dipalesa, mme masihla a sona a hlahisa ditholwana tse butswitseng.


Jehova o ya otlolla Sione molamu wa matla a hao: hloma mmuso wa hao hara dira tsa hao.


Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me.


Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.


Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.


Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.


Mollo o tswile thupeng tsa makala a wona, wa ba wa eja ditholwana tsa wona; ha ho sa le lekala le matla, leha e le lere la ho rena. Ke yona kodiyamalla, e tla nne e be kodiyamalla.


Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.


Monna eo ke tla mo kgetha, e tla ba eo thupa ya hae e tswang dipalesa, mme ke tla fedisa medumadumo e ntseng e bolelwa hodima lona ke bana ba Iseraele.


Yaba Moshe o tlosa dithupa tsohle pela Jehova, a di isa ho bana bohle ba Iseraele; ba di bona, mme e mong le e mong a nka thupa ya hae.


se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos