Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Numere 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla ngola lebitso la e mong le e mong thupeng ya hae, mme o tla ngola lebitso la Aarone thupeng ya Levi; hobane ho tla ba thupa e le nngwe ka morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona. BIBELE Lebitso la Arone lona o le ngole hodima molamu wa Levi. Mookamedi e mong le e mong wa lelapa la bo-ntatae a be le molamu o le mong. |
Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.
Haele wena, mora motho, o inkele sefate, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le yena. O boele o nke sefate se seng, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ya Iseraele ba kopaneng le yena.
Bua le bana ba Iseraele, mme o nke ho bona dithupa tse leshome le metso e mmedi, e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona; ke ho re, o nke e nngwe ho morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.
Jehova a re ho Aarone: Wena le bara ba hao, le ba ntlo ya ntatao, le tla jara melato e etswang dinthong tse halalelang; wena le bara ba hao, le tla jara melato e etswang tshebetsong ya boprista ba lona.
Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.
Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.