Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 42:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 hobane ha le ne le nthoma ho Morena Modimo wa lona, le ne le etsa boikaketsi bo tla le timetsa, ha le re: ‘Re rapelle ho Morena Modimo wa hao; o re bolelle tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tla di bua, mme re tla di etsa.’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:20
17 Referencias Cruzadas  

ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang, bara ba baditjhaba ba nqeka;


Boima ba makgopo bo a nkimela, empa o hlakotse ditlolo tsa rona.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.


Morena Tsedekia a romela Jukale, mora Shelemia, le Sofonia, mora Maaseia, moprista, ho moporofeta Jeremia, ka ho re: Ako re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona.


Yaba morena Tsedekia o romela ho lata moporofeta Jeremia, a mmiletsa ho yena monyakong wa boraro wa ntlo ya Jehova. Yaba morena o bolella Jeremia, a re: Ke sa o botsa taba, o se ke wa mpatela letho.


ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng,


Ba araba Jeremia, ba re: Jehova e ke e be yena paki ya nnete, e tshepehang ya rona, ha re sa etse ka lentswe le leng le le leng leo a tla o roma ho rona ka lona, hore re le etse.


Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.


O tla ngola lebitso la e mong le e mong thupeng ya hae, mme o tla ngola lebitso la Aarone thupeng ya Levi; hobane ho tla ba thupa e le nngwe ka morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.


Yaba e mong wa bona, e leng moruti wa molao, o botsa Jesu, ka ho mo leka, a re:


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Le be baetsi ba lentswe, e seng bautlwi feela ba ithetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos