Numere 17:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bana ba Iseraele ba re ho Moshe: Bona, re a shwa, re a fela, re fela kaofela! BIBELE Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile! |
Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.
Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!
E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.
Mme le lebetse kgothatso ya Modimo kamoo o buang le lona kateng, ka ho re, le bana ba wona, ha o re: Mora wa ka, se nyatse tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha o kgalemelwa ke yena;