Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 6:5
33 Referencias Cruzadas  

Letsatsi la mo tjhabela, ha a re o feta Peniele, mme a hlotsa noka ya hae.


Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova wa makgotla, ke yena e leng Morena wa kganya. (Sela.)


ba bona katlasa maoto a wona mosebetsi wa safire o bonaletsang, o hlwekileng jwaloka lehodimo.


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.


Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?


Moshe a bua pela Jehova, a re: Ke motho ya molomo o thata; Faro o tla nkutlwa jwang?


Ra utlwa dipina tse tswang dipheletsong tsa lefatshe, tse reng: Kganya ho ya lokileng! Empa nna ka re: Ke senyehile! ke senyehile! Ho madimabe nna! Mashodu a utswa, mashodu a ya le kgapo.


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


Mahlo a hao a tla boha morena botleng ba hae, a tla bona lefatshe bophareng ba lona.


Hobane matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e ditshila ke bokgopo; melomo ya lona e bolela mashano, maleme a lona a bolela tsa bolotsana.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Ka re ke sa ntsane ke rapela, ke bolela sebe sa ka le sebe sa setjhaba sa heso sa Iseraele, ke tsholla dithapedisiso tsa ka pela Jehova, Modimo wa ka, bakeng sa thaba e kgethehileng ya Modimo wa ka,


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Yaba bana ba Iseraele ba re ho Moshe: Bona, re a shwa, re a fela, re fela kaofela!


Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.


Kahoo, Gideone a bona hobane ke lengeloi la Jehova. Gideone a re: Ho madimabe nna, Monghadi Jehova, hobane ke bone lengeloi la Jehova, re tadimane difahleho le lona!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos