Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa serafime se seng sa rurela ho nna, se tshwere leshala le hlenneng letsohong la sona, leo se le okgileng aletareng ka letlao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Se seng sa dirafime sa fofela ho nna, ka tsohong la sona se tshwere leshala le hlenneng, leo se le okgileng aletareng ka letlao.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 6:6
14 Referencias Cruzadas  

Matlawana a yona le dipitsana tsa yona tsa molora di ke di etswe ka kgauta e hlwekileng.


Dirafime di ne di eme hodimo ho yena; se seng le se seng se ne se na le mapheo a tsheletseng; ka a mabedi di ne di itshirela difahleho, ka a mabedi di ne di ikwahela maoto, ka a mabedi di ne di rura.


Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.


Yaba o bua le monna ya apereng lene, a re: Kena kahare ho mabidi, tlasa dikerubime, o kakole mashala a hlenneng ka diatla tsa hao tse pedi mahareng a dikerubime, o a tshollele motseng. Mme a tla teng, ke ntse ke mmona.


O tla nka pitsana ya dibano e tletseng mashala a hlenneng a okgilweng aletareng pela Jehova, mme o tla ngwatha habedi dibano tse nkgang hamonate tse hlahlathilweng, mme o tla isa ntho tseo kamora lesira.


Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a dula hodima e mong le e mong wa bona.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Athe haele ka mangeloi, o itse: O etsa mangeloi a wona meya e fokang, le bahlanka ba wona malakabe a mollo.


Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos