Numere 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) le kenye mollo ho tsona, le tshele dibano ho tsona pela Jehova, hosasane, mme monna eo Jehova a tla mo kgetha e tla ba yena ya kgethilweng; ho lekane, bara ba Levi. BIBELE Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!” |
Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?
Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.
kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.
Empa haele rona, re tshwanetse ho boka Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, baratuwa ba Morena, kahobane Modimo o le kgethile esale ho qaleng, hore le tle le bolokehe ke ho halaletswa ke Moya, le ke ho dumela nnete.
Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;