Numere 12:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo setjhaba sa tloha Hatserothe, sa tla emisa lefeelleng la Parane. BIBELE Kamora moo setjhaba sa tswela pele leetong, ho tloha Haserote, mme sa fihla sa hloma diahelo lehwatateng la Parane. |
Modimo o a tla, o tswa Themane, Mohalaledi o tswa thabeng ya Parane! (Sela.) Kganya ya hae e akaretsa lehodimo, lefatshe le tletse letlotlo la hae.
bana ba Iseraele ba tloha lefeelleng la Sinai, ka lenaneo la ho tsamaya leo ba neng ba le laetswe; mme leru la ema lefeelleng la Parane.
Yaba Miriame o kwallwa kantle ho diahelo matsatsi a supileng; mme setjhaba ha se a ka sa tloha, Miriame a eso ho boele teng.
Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.
Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.
Mohlang oo, Samuele a shwa, mme Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, mme ba mo epela ha hae Rama. Mme Davida a tloha, a theohela feelleng la Parane.