Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 25:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mohlang oo, Samuele a shwa, mme Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, mme ba mo epela ha hae Rama. Mme Davida a tloha, a theohela feelleng la Parane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Samuele a shwa. Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, ba mo epela motseng wa habo wa Rama. Kamora moo Davida a tsamaya, a theohela lehwatateng la Parane.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:1
20 Referencias Cruzadas  

le Bahore, thabeng ya bona ya Seire, ho isa eikeng e Parane, haufi le lefeella.


A aha lefeelleng la Parane, mme mmae a mo nkela mosadi fatsheng la Egepeta.


Sara a shwela Kiryath-Arba, e leng Hebrone, naheng ya Kanana; mme Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.


Baahi ba naha eo, Bakanana, eitse ha ba bona dikgapha tse etswang seotlong sa Athade, ba re: Bofifi bona jwa Baegepeta bo boholo. Ke ka baka lena seotlo se mose ho Jordane se reilweng Abele-Mitsraime (bofifi ba Baegepeta).


Yaba Benaia, mora Jehojada, o ya, a hlaba Joabe, a mmolaya, mme a patwa ka tlung ya hae e feelleng.


Yaba Manasse o orohela ho bontatae, a patwa tshimong ya ntlo ya hae, tshimong ya Ussa; mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Manasse a orohela ho bontatae, a patwa ka tlung ya hae, mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


Haele marena wohle a ditjhaba, a epetswe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.


Bontata lona ba kae? ... Leha e le baporofeta, na ke ba phelang kamehla?


bana ba Iseraele ba tloha lefeelleng la Sinai, ka lenaneo la ho tsamaya leo ba neng ba le laetswe; mme leru la ema lefeelleng la Parane.


Kamora tseo setjhaba sa tloha Hatserothe, sa tla emisa lefeelleng la Parane.


Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.


Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.


Phutheho yohle ha e bona hoba Aarone o shwele, ntlo yohle ya Iseraele ya llela Aarone ka matsatsi a mashome a mararo.


Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo.


Bana ba Iseraele ba llela Moshe, mahwatateng a Moabe, ka matsatsi a mashome a mararo; matsatsi a dillo le a bofifi ba Moshe a ba a fela.


Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.


Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos