Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Davida a hlapanyetsa Saule; Saule a ikela ha hae, empa Davida yena le banna ba hae ba nyolohela qhobosheaneng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:22
9 Referencias Cruzadas  

Mehleng eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba bua le Abrahama, ba re: Modimo o na le wena nthong tsohle tseo o di etsang.


Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.


a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


Empa Jesu yena o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a ba tseba kaofela,


Yaba Davida o tloha teng, a ya diqhobong tsa Ene-Gedi.


Saule a re ho Davida: Ho bokwe wena, mora ka Davida; leha o ka etsa seo o se etsang, le ho se phetha o tla se phetha. Ebile Davida o ikela ka tsela ya hae, Saule yena a kgutlela hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos