Numere 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) setjhaba se ne se qhalana, se tle se e thonake; ba ne ba e sila ka malwala, kapa ba e tula ka boloko; ba ne ba e pheha dipitseng, kapa ba ne ba etsa dinkgwa ka yona; ka hanong e ne e utlwahala jwaloka senkgwa se dubilweng ka ole. BIBELE Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole. |
A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.
Ba ntlo ya Iseraele ba rea ntho eo lebitso la manna; e ne e tshwana le hlaku tse tshweu tsa koriandere, mme monateng e le jwaloka dinkgwa tse dubilweng ka dinotshi.
Ha phoka e ne e theohela hodima diahelo bosiu, manna le yona e ne e theohela hodima tsona.
Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.
Bontata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba file bohobe bo tswang lehodimong, ba eja.