Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.
Numere 10:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ho tloha folaga ya ntlo ya bana ba Dane; ba tloha ka makgotla a bona, e le serao sa makgotla kaofela; lekgotla la bona le ne le laolwa ke Akiesere, mora Ammishaddai; BIBELE Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai. |
Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.
Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.
Baprista ba supileng ba tshwereng diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba nna ba tsamaya, ba eteletse areka ya Jehova pele, ba letsa diterompeta; ba hlometseng ba etella pele, mme makgotla a mang a latella areka ya Jehova; ba ya, ba ntse ba letsa diterompeta.
Banna ba hlometseng ba etella baprista ba letsang diterompeta pele, mme makgotla a mang a latella areka; ha tsamau-wa ho ntse ho letswa diterompeta.