Ho bara ba Nefthali, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
Numere 1:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ngotsweng ba leloko la Nefthali ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro, tse nang le makgolo a mane. BIBELE Ba morabe wa Nafthali ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane. |
Ho bara ba Nefthali, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
Ke bona bao ba kileng ba ngolwa ke Moshe le Aarone, ba ena le banna ba leshome le metso e mmedi, marena a Iseraele; ho ne ho na le monna ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona.
Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Dane, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le nang le mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a tsheletseng.
Ke wona matlo a Banefthali, ka matlo a bona; ba badilweng ba bona ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a mane.