A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.
Numere 1:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bara ba Juda, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo. BIBELE Ha balwa bana ba Juda ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. |
A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.
Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.
Yaba Joabe o nea morena palo ya bongata ba setjhaba; ho ne ho le Iseraeleng kete tse makgolo a robileng meno e le mmedi tsa banna ba ntwa ba tsomolang sabole, banna ba Juda bona e le ba dikete tse makgolo a mahlano.
Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.
Ba ngotsweng ba leloko la Gade ya eba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano, tse nang le makgolo a tsheletseng a nang le mashome a mahlano.
Ba ngotsweng ba leloko la Juda ya eba dikete tse mashome a supileng a metso e mene, tse nang le makgolo a tsheletseng.