o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;
Nehemia 9:28 - Sesotho 1909/1961 (SO) Enere ha ba kgatholohile, ba ne ba boela ba qala ho etsa hampe pela mahlo a hao; o ne o boela o ba neela matsohong a dira tsa bona, di ba buse; ebe ba boela ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong; mme mehauhelong ya hao o ba pholositse hangata. BIBELE Ha ba se ba phomotse ba etsa bokgopo mahlong a hao, wa ba tlohella dira tsa bona tsa ba busa; ba boela ba kgutlela ho wena, ba ipiletsa, wena wa ba utlwa o le hodimong la hao, ka makgetlo wa ba lopolla, ho ya ka mehauhelo ya hao. |
o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;
Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?
Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.
Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.
Eitse hobane Ehude a timele, bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova.
Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.