Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.
Nehemia 7:65 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mmusisi a ba bolella hore ba se no ya ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime. BIBELE Mmusisi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena, ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime. |
Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.
Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.
Phutheho kaofela, ha e balwa hammoho, ya etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi tse nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng,
Ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa mosebetsi dimpho. Mmusisi yena a ntshetsa bobolokelo sekete sa didarike tsa kgauta, le merifi e mashome a mahlano, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano a mashome a mararo.
Yaba Nehemia mmusisi, ba ena le Esdrase, moprista le mongodi, le Balevi ba rutang setjhaba, ba re ho setjhaba kaofela: Tsatsi lena ke le kgethetsweng Jehova, Modimo wa lona; le se ke la dula bofifing, mme le se ke la lla — etswe setjhaba kaofela se ne se lla ha se utlwa mantswe a molao.
Mokgajwaneng wa kahlolo o tla bea Urime le Thummime, di tle di be sefubeng sa Aarone, ha a kena pela Jehova; Aarone o tla jarela bana ba Iseraele kahlolo sefubeng sa hae, pela Jehova, ka ho sa feleng.
Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.
Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.
Se ke ke sa apehwa ka ditomoso. Ke ba neile sona e be kabelo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo; ke ntho e halalelang haholo, jwaloka sehlabelo sa sebe le sa molato.
O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.
Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;