La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 7:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, bana ba Hasufa, bana ba Tabbaothe,

Ver Capítulo

BIBELE

“Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote,

Ver Capítulo



Nehemia 7:46
9 Referencias Cruzadas  

Haele ba kileng ba aha ha bona pele, metseng ya bona, e ne e le Baiseraele, le baprista, le Balevi le Banethinime.


Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, le bana ba Hasufa, le bana ba Thabaothe,


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Ke tsena dihlooho tsa mathoko tse ileng tsa aha Jerusalema, athe Baiseraele, ba bang, le baprista, le Balevi, le Banethinime, le bara ba bafo ba Salomone, ba ya aha metseng ya Juda, e mong le e mong naheng e ruilweng ke yena, motseng wa hae.


Kapele ho eo, ha haha Pedaia, mora Pareoshe. Le bona Banethinime ba haha moo ba dutseng teng, leralleng, ho ya fihla maloka le monyako wa Metsi nqa botjhabatsatsi, e maloka le tora e hlahelang kantle.


Haele balebedi ba menyako, ya eba bana ba Shallume, bana ba Athere, bana ba Thalmone, bana ba Akkube, bana ba Hathitha, le bana ba Shobai; ba etsa lekgolo le nang le mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.


bana ba Keroshe, bana ba Sia, bana ba Padone,