Haele nna le banabeso le bahlanka ba ka le balebedi ba ntatelang, re ne re sa hlobole diaparo tsa rona; e mong le e mong o ne a ntse a tshwere dibetsa tsa hae ho ya metsing.
Nehemia 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba setjhaba le basadi ba bona ba qosa banababo bona ba Bajuda ka lerata. BIBELE Banna le basadi ba bona ba lla haholo, ba ipelaetsa ka bana babo bona, e leng Bajuda. |
Haele nna le banabeso le bahlanka ba ka le balebedi ba ntatelang, re ne re sa hlobole diaparo tsa rona; e mong le e mong o ne a ntse a tshwere dibetsa tsa hae ho ya metsing.
Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.
Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.
Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, ha morena Tsedekia a ne a se a entse selekane le setjhaba kaofela se leng Jerusalema, hore ba bolele tokollo;
Morena Jehova o re: Oho, marena a Iseraele, ho lekane! Tlosang bothata le tshenyo, etsang ka taelo le ka ho loka; le se ke la hlola le leleka setjhaba sa ka: ho bolela Morena Jehova.
Hape, ke ena ya bobedi eo le e etsang: le tlatsa aletare ya Jehova ka meokgo, ka dillo, le ka mefehelo, o bile ha a sa hlokomela sehlabelo sa lona le ho kgahlwa ke se tswang matsohong a lona.
Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?
Ka hosasane, a wela ba bang ba lwanang, a ba kgothatsa hore ba etse kgotso, ka ho re: Banna, le ba mofuta o le mong; na le etsana hampe keng?
Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.