La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa rona, ra rapela Modimo wa rona, mme ka ho ba tshaba, ra bea balebedi motshehare le bosiu, hore re itshireletse ho bona.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka baka la bona ra rapela Modimo wa rona, ra lebela motsheare le bosiu.

Ver Capítulo



Nehemia 4:9
15 Referencias Cruzadas  

A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!


Athe dira tsa rona di ne di re: Ba ke ke ba tseba letho, ba ke ke ba bona letho, ho fihlela re ba re kena hara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi.


O etsa merero ya batho ba mano lefeela, hore matsoho a bona a se ke a e phetha.


Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Mahlo a Jehova a fadimehela tsebo, empa o fedisa ditaba tsa mothetsi.


Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.