La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ra tshwara mosebetsi jwalo, ba bang ba rona ba ntse ba tshwere marumo, ho tloha ka meso ho isa ha dinaledi di hlaha.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha.

Ver Capítulo



Nehemia 4:21
6 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, hlong le phuthehele ho rona nqalong efe le efe eo le tla utlwa modumo wa terompeta o etswa teng; Modimo wa rona o tla re lwanela.


Hape, mohlang oo, ka re ho setjhaba: E mong le e mong a ke o hlole bosiu le bahlanka ba hae kahare ho Jerusalema, hore bosiu ba tle ba re thuse ho lebela, mme motshehare ba tshware mosebetsi.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.


Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.