Nehemia 3:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kapele ho bao, ha lokisa Benjamine le Hashube, maloka le ntlo ya bona. Kapele ho bona, ha lokisa Asaria, mora Maaseia, mora Anania, maloka le ntlo ya hae. BIBELE Bo-Benjamine le Hashube ba latela baprista, ba tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya bona teng. Asariya, mora wa Maasiya, setloholo sa Ananiya, a latela bo-Benjamine, a tsosa lerako le pela ntlo ya hae. |
Mabapa le bona, ha lokisa Jedaia, mora Harumafe; hape, a lokisa le maloka le ntlo ya hae; mabapa le yena, ha lokisa Hattushe, mora Hashabnia.
Kapele ho eo Binnui, mora Henadade, a lokisa sekoto se seng, ho tloha tlung ya Asaria, ho ya fihla koung le sekgutlong.
Esdrase, mongodi, o ne a eme hodima sethala sa difate se etseditsweng hono hoo. Mabapa le yena, letsohong le letona, ho ne ho eme Matthithia, le Shema, le Anaia, le Uria, le Hilkia, le Maaseia; ho le letshehadi ho no ho eme Pedaia, le Mishaele, le Malkia, le Hashume, le Hashbaddana, le Sakaria, le Meshullame.
Joshua, Bani Sherebia, Jamine, Akkube, Shabbethai, Hodia, Maasaia, Kelitha, Asaria, Josabade, Hanane, Pelaia, le Balevi, ba nna ba hlalosetsa setjhaba molao, setjhaba se ntse se eme moo se emeng teng.