Oho, Modimo wa ka, hopola Tobia le Sanballate le diketso tsa bona, le yena Noadia moporofeta wa mosadi, le baporofeta ba bang ba lekileng ho ntshabisa!
Nehemia 13:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Oho, Modimo wa ka, o ba elellwe hobane ba silafaditse baprista le selekane sa boprista le sa Balevi! BIBELE Ka boela ka re: “Ako ba hopole, Modimo wa ka, hobane ba hlompholotse boprista, le selekane sa boprista, le sa Balevi.” |
Oho, Modimo wa ka, hopola Tobia le Sanballate le diketso tsa bona, le yena Noadia moporofeta wa mosadi, le baporofeta ba bang ba lekileng ho ntshabisa!
A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.
Feela, a se ke a atamela pela lesira, leha e le pela aletare, hobane o na le sekodi; a se ke a tlotlolla meaho ya ka e halalelang, hobane ke nna Jehova ya e halaletsang.
O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.
Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.
Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.