Jwale, eitse ha menyako ya Jerusalema e apeswa ke meriti, ha Sabatha e se e tla qala, ka laela hore menyako e kwalwe; ka laela hape hore e se ke ya boela ya bulwa, haese ha Sabatha e se e fetile; ka bea bahlanka ba bang ba ka menyakong, hore ho se kene phahlo le e nngwe ka tsatsi la Sabatha.
Ka ba kgalemela, ka re ho bona: Le hlollang bosiu pela lerako? Ha le boela le pheta, ke tla le tshwara. Haesale mohlang oo, ha ba ka ba hlola ba etla ka Sabatha.