Nehemia 12:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bakbukia, le Unni, le banababo bona ba ne ba lebela hammoho le bona. BIBELE Bakabukiya le Uni, le bana babo bona, bona ba ne ba bina ba tobane le bo-Mataneya. |
Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.
Balevi e ne e le Joshua, Binnui, Kadmiele, Sherebia, Juda, Matthania, ya neng a tsamaisa difela, e le yena le banababo.