Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.
Nehemia 12:46 - Sesotho 1909/1961 (SO) hobane, mehleng ya Davida le Asafe, ho ne ho na le batsamaisi ba dibini le ba difela tsa ho rorisa le ho boka Modimo. BIBELE Kgale, mehleng ya Davida, le ya Asafo, ho ne ho ntse ho ena le batsamaisi ba dibini tse binang dipina tse rorisang, le tse lebohang Modimo. |
Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.
Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.
E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.
Oho Modimo, o se ke wa thola, o se ke wa thibana ditsebe, o se ke wa dula o ikgutseditse, Modimo.