Nehemia 11:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) le banababo e leng dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mmedi; le Amashai, mora Asareele, mora Aksai, mora Meshillemothe, mora Immere, BIBELE Bana babo bona, e leng dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mmedi. Hape e le Amashesai, mora wa Asariele, Asariele ya tswetsweng ke Akasai, Akasai ya tswetsweng ke Meshilemote, Meshilemote ya tswetsweng ke Imere. |
hammoho le banababo bona ba neng ba etsa tshebeletso ya ntlo, e le batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a mashome a mabedi a metso e mmedi; le Adaia, mora Jerohame, mora Pelalia, mora Amtsi, mora Sakaria, mora Pashkure, mora Malkija,
le banababo bona, banna ba bahale, ba neng ba etsa lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi; mohlahlobi wa bona e ne e le Sabdiele, mora Gedolime.