La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mikea 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.

Ver Capítulo

BIBELE

Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.

Ver Capítulo



Mikea 6:8
66 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Henoke ha a tswetse Methusela, a tsamaya le Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo; mme a tswala bara le baradi.


Leha ho le jwalo, batho ba bang ba ha Asere le Manasse le Sabulone ba ikokobetsa, mme ba tla Jerusalema.


Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.


Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.


Ha a ka a ikokobetsa pela Jehova, jwalokaha ho ne ho ikokobeditse Manasse ntatae; haele yena Amone, a nna a atisa melato ya hae.


Erekaha pelo ya hao e nolofetse, wa ikokobetsa pela Modimo, mohla o utlwang dipolelo tsa wona bakeng sa motse wona le bakeng sa ba ahileng ho wona, wa ikokobetsa pela ka, wa hahola diaparo tsa hao, wa ba wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.


Ke tla bina mohau le kahlolo; ke tla binela wena, Jehova. Ke tla ela tsela e se nang molato hloko ... O tla tla neng ho nna?


Lefifing, lesedi le tjhabela ya lokileng; o mohau, o lereko, o lokile.


O abela, o fa bahloki; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng; lenaka la hae le ema ka kganya.


o fana kamehla, o bile o a adima, mme hlohonolofatso e dutse hodima ditloholo tsa hae.


Empa haele nna, ho ba haufi le Modimo, ke molemo ho nna; ke beile setshabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ya hao kaofela.


Ho etsa ho hotle le ho lokileng ho kgahlisa Jehova, ho ena le sehlabelo.


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Jehova o a bua, o re: Bolokang molao, le etse ho lokileng, hobane poloko ya ka e se e a hlaha, le ho loka ha ka ho se ho tla bonahala.


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


O ne a ahlolela mofumanehi le mofutsana, o ne a ena le kgotso ke hona. Na hoo hase ho ntseba na, ho bolela Jehova?


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Ho molemo ho motho ho lebella le ho dulela pholoso ya Jehova ka sebete.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Leha nka re ho molotsana: O fela o tla shwa! ha a ka baka sebeng sa hae, a ya ka taelo le ka ho loka,


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Haele wena, o kgutlele ho Jehova, o boloke mohau le ho loka, o itshepele Modimo wa hao kamehla.


Hobane ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Modimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a ditjheso.


le kamoo ba neng ba ntshetakela kateng, e leng tseo le nna ke neng ke ba setakela ka baka la tsona; ha ke ba isitse dinaheng tsa bao e leng dira ho bona, ha dipelo tsa bona tse manyala di ikokobetsa, mme ba lefa molato wa makgopo a bona, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo,


Empa kahlolo e tla matha jwaloka metsi, le ho loka jwaloka noka e sa phetseng ho phalla.


Lentswe la Jehova le howeletsa motse. Ya bohlale o tla hlokomela lebitso la hao, ha o re: Elang thupa hloko le ya e laelang.


Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatshe, ba etsang ka taelo ya hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tshoha le patwa tsatsing la bohale ba Jehova.


Ho ne ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ahlolang ka kahlolo ya nnete, le etse ka mohau le ka lereko, e mong le e mong ho ngwanabo;


Ho lehlohonolo bafumanehi moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.


kanthe ntho e hlokwang e nngwe feela; mme Maria o ikgethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuwa.


Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.


Empa Jesu a re ho yena: Monna, ke mang ya mpeileng moahlodi, leha e le moaroledi wa lona?


Mme jwale, ebang lereko, jwalokaha Ntata lona le yena a le lereko.


Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ka sona ke dumela hoba molao o molemo.


Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?


Hobane wena mosadi, o tseba kang hobane o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o tseba kang hobane o tla pholosa mosadi wa hao na?


Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.


Utlwa ke hona lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloke ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno.


Lemoha, kajeno ke beile pela hao bophelo le molemo, lefu le bobe.


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


Motho wa lefeela, na o rata ho tseba hobane tumelo e se nang mesebetsi e shwele na?


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.